
Ngodiso ya hongola sehlopa sa leshome le metso e mmedi bakeng sa barutwana ba sa kgotsofalang ke sephetho sa bona 2024 sa Nationsl Senior Certificate (NSC) ba ka kenya kopo ya ho tshwawa hape, ho hlahlojwa sephetho sa bona hape, le ho ngola dithuto tse o ba lakatsang ho dingola hape ele honyolla sephetho sa bona.
Hona le mekgwa e mmedi eo barutwana baka e sebedisang bakeng sa ho kopa ho tshwaywa hape kapa ho hlahlojwa sephetho sa bona. Mekgwa ena ke ho etsa kopo ka kotloloho kapa ho sebedisa marangrang.
Marangrang a ka fumaneha howww.eservices.gov.zahttps://www.education.gov.za
Ho kenyeng kopo, morutwana o kopa ho fana ka nomoro ya hlahobo e nepahetseng, lebitso le sefane ka moo di hlahellang kateng tokomaneng ya sephetho,
Ditefo sebakeng sa ho tshwauwa hape ke R130 thuto ka nngwe. Bakeng sa ho hlahlojwa ke R30 thuto ka nngwe. Letsatsi la kwalo ya dikopo ke 29 Pherekgong 2025. Letsatsi la phatlalatso ya sephetho ke la 7 Hlakubele 2025.
Baithuti ba lakatsang ho ngola hape ka Phupjane le Mphalane ho latela Hlahlobo e entsweng ke sekolo baka etsa kopo pele ho kapa kala 7 Hlakola le 15 Hlakubele 2025 ka ho latelana