By Thabang Mohale
Molekgotla wa DA Maluti a phofung Alison Oates ore ele mokga wa dipolotiki lekgotleng lena la motse ba ngongorehile haholo ke tsela eo masepala o tsamaiswang ka yona.
Oates o bontshitse ngongoreho ya bona a ipapisitse le seo a se bitsang ka hore ke phano ya ditshebelletso e fokolang ditlhokong tsa mantlha eleng motlakase le metsi.
O hlalositse hore mokgatlo o thehilweng ke baahi wa MAP 16 o tsamaisa maspala ona jwalo ka ha eka lebenkele,mme ba leka ka hohlehohle ho nkisa tsamaiso ya maspala maikarabello a bile a teya mohlala ka ketelo ya komiti ya lekgotla la naha la diprovinsi e bileng ka labobedi la 16 kgweding ya Phato moo ba hlaloseditseng komiti ena hore tsohle tseo MAP 16 e hlalosang ha e di fihlelletse ele mashano a matala.
Oates o hlalositse hore mekutu ya bona ya ho pepesa bohlaswa ba MAP 16 e lebisitse ntlheng ya hore komiti e batle ditokomane tsa dintlafatso tseo ba hlalosang ha ba di fihlelletse.
“Re ikemiseditse ho sebelletsa setjhaba ka nako tsohle hoo re kgonneng ho thibela majoro Gilbert Mokotso ho etsa tse ding tsa dintho tseo re sa utlwisising hore di tla tswela setjhaba molemo ka eng ka ha tabatabelo ya rona ele ho bona tshebelletso tsa mantlha di le setjhabeng”
O hlalositse ha DA e ile ya makatswa ke hore nakong eo ba fihlang kopanong ya lekgotla e neng e reretswe ho ba ka labobedi la 23 Phato,motsamaisi wa dipuisano maspaleng ona Paratlane Motloung o ne a se a hlakotse nyewe.
Oates o bontshitse ha ele taba e harolang letswalo ho hlokomela hore MAP 16 ha ena maikemisetso a ho lokisa mathata a ka sehloohong a setjhaba eleng metsi le motlakase a kenyelletsang tumellano ya ditshebelletso le Bloem water le kontraka ya Eskom.
O bolotse hore ba kekeng ba e lala ka mmele ntlha ya bobodu bo etsahalang ka hara maspala e kenyelletsang khiro ya koloi ya majoro le ya motsamaisi wa dipuisano ka ha ba ne ba hopotse hore e tla ba ntlha tse ka sehloohong tsa kopano.
Ka lehlakoreng le leng mmuedi wa MAP 16 Mmutlanyana Sekete o arabetse ntlheng tsena tse hlahisitsweng ke DA,mme o hlalositse hore ele mokgatlo ba ile ba mema DA ho ba karolo e tlisang diphethoho setjhabeng empa ya kgetha ho bapala dipolotiki ho ena le ho thusetsa molemong wa setjhaba.
Sekete o hlalositse hore DA e seke ya itlhatswa ka MAP 16 e sitilwe ho thibela bobodu bo etsahetseng e ntse e shebile bo lebisitseng hore maspala o kolote Eskom tjhelete e ballwang ho dibillione tse tshelela feelwane hlano tsa diranta tlasa puso ya ANC.
O hlalositse hore DA le ANC di sebetsa ka matla ho thibela MAP 16 ho sebelletsa setjhaba,mme o supile ha puso e etelletsweng pele ke MAP 16 e netefaditse hore batho bao esaleng ba hloka metsi nakong ya dilemo tse 14 tlasa puso ya ANC ba fumana metsi. O phethetse ka hore puso ya kopanelo e etelletsweng pele ke MAP 16 e mathuleng a ho phethela tumellano e tla tlisa phepelo ya motlakase o tshepahalang le ANC